1. Phuputso ya vaksine ke eng?

Vaksine e ruta mmele ho thibela tshwaetso e itseng kapa ho lwantsha lefu. E le ho hlahisa vaksine, bafuputsi ba hloka ho e etsa teko bathong. Diphuputso tse ding tsa vaksine di etsa teko ya hore na vaksine e bolokehile (hore na ha e bake mathata a bophelo) le hore na masole a mmele a batho a arabela vaksine ya phuputso. Sistimi ya hao ya masole a mmele e o sireletsa kgahlanong le mafu. Diphuputso tse ding tsa vaksine hape e ka sebedisetswa ho fumana haeba vaksine e ka nna ya thusa ho lwantsha tshwaetso kapa lefu. Ho nka diphuputso tse ngata tsa divaksine ho hlahisa vaksine e bolokehileng, e sebetsang ka katleho.

Ha jwale ha ho vaksine e fuweng laesense kgahlanong le HIV kapa AIDS.

2. Phuputso ya Phuputso ya vaksine ya ke eng?

Phuputso ya vaksine ya e etsa diteko tsa ekspherimente divaksineng tse 2 kgahlanong le HIV. Divaksine tsa phuputso di bitswa Ad26.Mos4.HIV le Clade C gp140. Divaksine tsena di hlahisitswe ke Janssen Vaccines & Prevention B.V. Ho tloha mona ho ya pele, re tla di bitsa Ad26 le Protheine kapa divaksine tsa phuputso.

Vaksine ya Ad26

Vaksine ya Ad26 e entswe ho tswa vaerasebng e bitswang Adenovirus type 26. Vaksine ena e na le dikarolo tsa HIV tse kentsweng. E reretswe ho jwetsa mmele ho etsa diprotheine tse tshwanang le diprotheine tse fumanwang ho HIV. (Diprotheine ke dintho tsa tlhaho tse fumanwang dinthong tsohle tse phelang, jwalo ka mmeleng ya batho le divaerase tse jwalo ka HIV.) Sistimi ya masole a mmele e ka nna ya arabela dikhopi tsa diprotheine tsa HIV vaksineng ya phuputso. Sena se bitswa karabelo ya masole a mmele. Karabelo ya masole a mmele e lokisetsa mmele hore o lemohe diprotheine tse tshwanang le tsena tse ho HIV mme o lwantshe vaerase haeba motho a ba le kopano le HIV kamoso. Adenovirus type 26 e atile bophelong ba letsatsi le leng le le leng mme di ka baka sefuba le ditshwaetso tsa phefumoloho. Leha ho le jwalo, adenovirus e sebediswang phuputsong ena ya vaksine e fokoditswe matla hore e se kgone ho baka tshwaetso mme e se be le kotsi bathong.

Vaksine ya Proteine

Vaksine ya protheine, Clade C gp140, e entswe ka protheine e tshwanang le protheine e fumanwang ka hodimo ho HIV. Sena le sona se ka baka karabelo ya masole a mmele.

Vaksine ya protheine e phuputsong e tswakwa le adjuvant e bitswang Aluminum Phosphate. Adjuvant ke ntho e eketswang vaksineng ho eketsa karabelo ya masole a mmele. Alaminiamo e sebediswa divaksineng tse ngata tse atileng jwalo ka tsa Hepatitis A le B, diphtheria, le thethanase.

Dihlahiswa tse sebedisitsweng phuputsong ena ha di a etswa ka HIV e phelang, HIV e bolailweng, kapa disele tse tshwaeditsweng ke HIV. Divaksine tsena tsa phuputso di ke ke tsa baka tshwaetso ya HIV kapa AIDS. Re ka o fa tlhahisoleseding e eketsehileng mabapi le divaksine tsa phuputso, haeba o e batla.

3. Ke mokgatlo ofe o amehang phuputsong ee?

National Institute of Allergy and Infectious Diseases (NIAID), HIV Vaccine Trials Network (HVTN) le Janssen Vaccines & Prevention B.V. di thehile phuputso ena. Janssen Vaccines & Prevention B.V. ke motshehetsi wa tsa taolo mme hape ba fana ka divaksine. NIAID ke karolo ya National Institutes of Health (NIH), e leng karolo ya mmuso wa United States.

HVTN ke tshebedisano ya matjhaba ya borasaense, barupelli, le ditho tsa setjhaba ba batlanang le vaksine e sebetsang ka katleho mme e bolokehileng ya HIV. HVTN e tsheheditswe ka ditjhelete ke NIAID mme phuputso ena e tsheheditswe ka kopanelo ke Bill & Melinda Gates Foundation le Janssen Vaccines & Prevention B.V.

4. Phuputso ee e tla etsetswa hokae le neng?

Phuputso e lebeletswe ho qala ho ngodisa batho nakong e ka bang kgweding ya Mphalane 2017. E tla etsetswa ditulong tse latelang:

  • Malawi: Lilongwe
  • Mozambique: Maputo
  • Afrika Borwa: Bloemfontein, Cape Town (Emavundleni, Khayelitsha, le Masiphumelele), Durban (Chatsworth, eThekwini, Isipingo, Tongaat le Verulam), Elandsdoorn, Klerksdorp, Ladysmith, Mamelodi, Medunsa, Mthatha, Rustenburg, Soshanguve, Soweto (Bara le Kliptown), le Tembisa.
  • Zambia: Lusaka le Ndola
  • Zimbabwe: Harare

5. Phuputso ee e etswa hobaneng?

Diphuputso tsohle tsa HVTN di sebeletsa maikemisetso a rona a ho fumana vaksine e bolokehileng le ho sebetsa ka katleho ya HIV. Dipheo tsa sehlooho tsa phuputso ena ke:

  • Ho etsa teko ya hore na divaksine tsa phuputso di ka thibela tshwaetso ya HIV
  • Ho fana ka tlhahisoleseseding e eketsehileng mabapi le polokeho ya divaksine
  • Ho re fa kutlwisiso e mabapi le ka moo vaksine a ka nnang ya sebetsa ho thibela tshwaetso ya HIV 

6. Ke batho ba bakae ba tla kenela phuputso ee, mme ke mang ya ka e kenelang?

Phuputso e tla kenyeletsa bankakarolo ba ka bang 2600 ba basadi.

Ho kenela phuputso ena, basadi ba tlameha hore ba be ba phetse hantle, ba le dilemo tse dipakeng tsa 18 le 35, mme ba sa tshwaetswa ke HIV. Ha ba lokela hore ba be ba imme kapa ba anyesa. Ho na le mokgwatlhahlobo o mong hape o lokelang ho phethahatswa. Re tla botsa basadi mabapi le nalane ya bona ya tsa bophelo re ba etse tlhahlobo ya mmele le ho hula disampole tsa madi le moroto bakeng sa diteko. Hape re tla botsa basadi mabapi le diketso tsa bona tsa thobalano le tshebediso ya dithethefatsi.

7. Na divaksine tsee tsa phuputso di bolokehile?

Ha re tsebe dikotsi tsohle tsa divaksine tsena tsa phuputso hobane di fuwe feela palo e fokolang ya batho pele ho mona. Vaksine ya protheine e fanwe ho batho ba ka bang 300 feela mme vaksine ya Ad26 e fanwe ho batho ba ka bang 110. Leha ho se motho diphuputsong tsa pejana ya bileng le mathata a mahlonoko a bophelo a amanang le divaksine tsena tsa phuputso, kamehla ho dutse ho na le kgonahalo ya hore ho ka ba le mathata ao ho seng motho ya a lebeletseng. Ke ka hona o mong wa merero ya phuputso e leng ho etsa teko ya hore na divaksine di bolokehile ha di fanwa bathong ba eketsehileng. Bophelo ba monkakarolo ka mong bo tla behwa leihlo ke baoki le dingaka tse rupetsweng nakong yohle ya phuputso.

8. Na divaksine tsa phuputso di sireletsa bankakarolo kgahlanong le ho tshwaetswa ke HIV?

Bankakarolo ba tlameha ho se lebelle hore ba tla sireletswa kgahlanong le HIV ke divaksine tsena tsa phuputso. Bonnete, bankakarolo ba ka nna ba se fumane divaksine phuputsong ena, kaha halofo ya bankakarolo ba bang ba tla fumana sekamoriana. Sekamoriana phuputsong ena ke metsi a letswai a bolailweng dikokwanahloko.

Phuphutso ena e reretswe ho fumana haeba divaksine tsa phuputso di a sebetsa ho thibela kapa ho lwantsha HIV.

Hobane ha re tsebe haeba divaksine tsa phuputso di ka thibela HIV/AIDS, bankakarolo phuputsong ena ba tla fuwa dikeletso tsa maikutlo mabapi le hore ba ka qoba jwang tshwaetso ya HIV mme ba tla fetisetswa ditsing tseo ho tsona ba ka fumanang mekgwa ya thibelo ya HIV e fumanehang.

9. Ho tla nka nako e kae ho tseba haeba vaksine ya phuputso e sebetsa?

Re lebeletse ho ithuta hore na divaksine tsa phuputso di thibela ditshwatso tsa HIV nakong ya dilemo tse 4. Ho ka kgoneha hore re ka tseba sena kapele ho feta mona.

10. Bophelo bo botle le ditokelo tsa bankakarolo di tla sireletswa jwang?

Ho sireletsa bophelo le ho hlompha ditokelo tsa bankakarolo ke dintlha tse sehlohlolong bakeng sa bohle ho HVTN le Janssen Vaccines. Ntle le baithaopi, re ne re ke ke ra kgona le ka mohla ho fumana vaksine ya HIV.

Mohato wa pele ho sireletseng ditokelo tsa bankakarolo ke ho ba fa tlhahisoleseding e mabapi le phuputso pele ba ka e kenela. Basebetsi ba tleliniking ba tla fa batho tlhahisoleseding e mabapi le dihlahiswa tsa phuputso le mekgwatshebetso, le dikotsi le melemo tse ka nnang tsa kgonahala ho bankakarolo, le ditokelo tseo ba nang le tsona. Tsona di kenyeletsa tokelo ya ho fumana tlhahisoleseding efe kapa efe e ntjha e ka amang qeto ya hore na ba dula ba e kenetse kapa tjhe, le tokelo ya ho tswa phuputsong ka nako efe kapa efe.

Nakong ya phuputso, basebetsi ba tleliniking ba tla disa bankakarolo ho etsa bonnete ba hore divaksine tsa phuputso ha di bake mathata a letho a bophelo. Basebetsi ba phuputso hape batla botsa bankakarolo mabapi le mathata afe kapa afe a setjhabeng ao ba ka nnang ba ba le oona ka lebaka la ho kenela phuputso. Haeba monkakarolo a na le bothata ba bophelo kapa ba setjhabeng bo amanang le ho kenela phuputso, basebetsi ba tleliniking ba tla ba thusa.

Hape ho na le dihlopha tse mmalwa tse amehang ho sireletseng ditokelo le boitekanelo ba bankakarolo:

  • Sehlopha sa tekodiso ya phuputso le boto e ikemetseng ya bodisa ba phuputso ba polokeho ya lesedi ba sheba nako le nako tlhahisoleseding ya bophelo e tswang phuputsong ho etsa qeto ya hore na ho bonahala ho bolokehile ho ka tswela pele ho fana ka diente tsa phuputso.
  • Boto ya Tekodiso ya Setsi (Institutional Review Board (IRB)) kapa Komiti ya Boitshwaro Tshebetsong (Ethics Committee (EC)) di lekodisa morero wa phuputso bakeng sa tleliniki e nngwe le e nngwe e etsang phuputso, ho kenyeletswa tlhahisoleseding e fuwang batho mabapi le phuputso, kgatelopele ya phuputso, le mathata a bophelo ho bankakarolo. IRB/EC hape e sheba hore na ditokelo tsa monkakarolo di a hlonetjhwa.
  • Lekgotla la Taolo ya Meriana la Afrika Borwa, mmoho le ditheo tsa bolaodi tsa naha tsa dinaha tse ding, ba behile leihlo tsamaiso ya phuputso mme le hloka ditlaleho tsa nako le nako tse mabapi le polokeho ya bankakarolo.
  • US Food & Drug Administration (FDA) le yona e lekodisa phuputso ena. FDA e phethahatsa melao ya Amerika e mabapi le dipatlisiso tse etswang bathong le tshebediso ya divaksine tsa phuputso patlisisong.
  • Tleliniki ka nngwe e na le Komiti ya Polokeho ya tsa Sebaeloji ya Setsi (Institutional Biosafety Committee (IBC)) e disang ka moo divaksine tsa phuputso di hlophiswang ka teng ka khemising le ka moo di sebediswang ka teng tleliniking.
  • Ditleliniki tse ding di na le Dikomiti tsa Boitshwaro tse kgethehileng tse disang dibaka tseo madi le disampole tse ding di bolokwang ho tsona. Dibaka tsena di bitswa dibanka tsa disampole tsa sebaeloji kapa diriphositori.
  • Lefapha la Afrika Borwa la Temo, Meru, le Ditlhapi (Department of Agriculture, Forestry, and Fisheries (DAFF)) le na le boto e tlamehang ho lekodisa le ho fana ka tumello bakeng sa dikopo tsohle tsa thepa e romelwang kahare ho naha ya sebopeho sa dijini tse fetotsweng (genetically modified materials (GMO)) jwalo ka Ad26. Tleliniki ka nngwe ya phuputso e na le Boto ya Boeletsi ya Setjhaba (Community Advisory Board (CAB)). Ditho tsa yona ke ditho tsa lehae tsa setjhaba tse tlisang dingongoreho le dikgahleho tsa setjhaba le tsa bankakarolo phuputsong ho bafuputsi. Ditho tsa CAB ke karolo ya sehlopha se etsang phuputso. Hape ba thusa ho theha kapa ho lekodisa tlhahisoleseding e fanwang ho bankakarolo.

11. Na divaksine tsa phuputso di ka baka sephetho se bontshang boteng ba HIV tekong ya HIV?

Ee, divaksine tsa phuputso di na le monyetla wa ho baka hore monkakarolo a fumane sephetho se bontshang eka HIV e teng mefuteng e itseng ya diteko tsa HIV. Haeba motho a fumana vaksine ya phuputso ya HIV, mmele ya bona e ka nna ya hlahisa masole a mmele a lwantshang HIV. Masole a mmele a thusa batho ho lwantsha tshwaetso. Diteko tsa tlwaelo tsa HIV di batlana le masole a mmele a lwantshang HIV jwalo ka letshwao la tshwaetso. Ka lebaka lena, motho a ka ba le sephetho se reng HIV e teng esita leha a sa tshwaetswa ke HIV. Sena se bitswa sephetho sa teko se bontshang HIV ka lebaka la vaksine (vaccine-induced seropositive (VISP)) feela. O ka nna wa bona sena se bitswa hape ka hore ke Vaccine-Induced Seroreactivity (VISR). Ha re tsebe hore na ke mang ya tla ba le sephetho sa teko se bontshang VISP kapa hore na diphetho tsena tsa diteko di tla nka nako e telele bo bokae.

Batho ba nang le diphetho tsa teko tsa VISP ba hloka diteko tse kgethehileng tsa HIV ho fumana haeba sephetho se bontshang boteng ba HIV se bakilwe ke VISP kapa ehlile ke tshwaetso ya nnete ya HIV. Ditleliniki tse nkileng karolo phuputsong ena di ka fihlella diteko tsena tse kgetholohileng tse shebanang le vaerase boyona ho fapana le masole a mmele. Bankakarolo tekong ba tlameha ho etswa teko ditleliniking tse nkang karolo phuputsong ena feela.

Ha ho mathata a bophelo a amahantsweng le sephetho sa teko sa VISP, empa diphetho tsa teko tsa VISP di ka baka mathata dikarolong tse ngata jwalo ka tlhokomelong ya bongaka kapa ya meno, mosebetsing, inshorense, visa bakeng sa maeto, kapa ho kena bosoleng. Batho ba ka nna ba se dumellwe ho fana ka madi kapa ditho tse ding tsa mmele. Haeba bankakarolo ba rerile ho etsa kopo bakeng sa inshorense, mosebetsi, kapa ho kenela sesole, o tlameha ho tsebisa setsi sa phuputso hanghang. Khampani ya inshorense, mohiri, kapa lekalana la sesole le ka nna la hana ho amohela teko ya HIV e tswang ho HVTN. Leha ho le jwalo, HVTN e ka sebetsa mmoho le bona ho netefatsa hore teko e nepahetseng e a etswa e tla bontsha boemo ba nnete ba motho ba HIV. Haeba o na le masole ana a mmele mme ebe o a ima a ka nna a fetisetswa leseeng, leo le lona le ka nnang la fumanwa eka le na le tshwaetso ka phoso mme la kenngwa kalafong. Tleliniki ya patlisiso e ka fana ka khopi ya diphetho tsa hao ho wena ho e sebedisa maemong afe kapa afe ho ana haeba o hloka sena.

12. Nka fumana tlhahisoleseding e eketsehileng hokae?

Mabapi le diphuputso tsa bongaka tsa vaksine ya HIV: www.clinicaltrials.gov

Mabapi le HIV Vaccine Trials Network: www.hvtn.org

Mabapi le VISP: http://www.hvtn.org/VISP

Haeba o na le dipotso tsa tlatsetso tse sa arajwang ke tokomane ena, ka kopo re botse. O ka ikopanya le: [email protected]